O ne o nkadimile motswalle
Oa re putsa ka lerato.
Le ha pelo e utlwile bohloko
O entse thato ea hao.
Ntataise Jehova.
Ke mofokodi oa hao.
Ke thekeselle maotong a hao,
Uena mopholosi oa ka.
Ke bipeditsoe ke bohloko.
Tlholohelo ea moratuoa oa ka.
Ha ke tseke Ntate.
Empa ke ikopela matla.
Ntumelle hle Ntate.
Ka tiisetso le mamello.
Ke hohle hohle ke leke hore,
Ho lokile, ho lokile.
Ee, ho lokile.
(Ntate)
Ntate ha ke sa sepela
hole le lehae la heso.
O nthuse ke tsebe hore,
Ho lokile, ho lokile.
Seo O nkadimileng sona,
ha ore ke se busetse,
le teng ke sa leka hore,
Ho lokile, ho lokile.
Le ha O re ke lesane,
le ba ratoang ho fetisa.
Le moo ke (tla) sa leka hore,
Ho lokile, ho lokile.
Le ha lefu le bohale,
le kgaola tshiu tsaka.
(Le teng ke tla leka) Ke sa ntse ke leka hore,
Ho lokile, ho lokile.
Feela ha ke na le Uena,
bohlokong le dihlorisong.
Hohle Ntate kentse ke re
Ho lokile, ho lokile.